Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Levitike 11:29 - BIBELE

29 “ ‘Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Haele diphoofotswanyana tse nyekenyehang lefatsheng, tseo le tla di tadima hore di ditshila, ke kgwiti, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Levitike 11:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”


Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa.


Mokgodutswane o ka o tshwara ka letsoho, empa o fumanwa ka matlung a dikgosi.


“Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang, ba itlhwekisetsa ho kgumamela medingwana, ho e kgumamela masimong, ba emeng kamora sefate se bohareng ba tshimo, ba jang nama ya dikolobe le ya ditweba, le tse manyala, bana ba tla timetswa kaofela,” ho rialo Morena.


Ya nkang dififi tsa tsona o tla hlatswa diaparo tsa hae, empa o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.


mmankgweshepe, le mokgodutswane, le phathakalle, le polo, le lempetje.


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo.


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.


Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora.


Ho tloha nakong eo ba bangata ba barutuwa ba hae ba ikgula, mme ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ