Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 5:8 - BIBELE

8 Makgoba a fetohile babusi ba rona, ha ho ya re namolelang matsohong a wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Re buswa ke makgoba, ha ho ya re namolelang matsohong a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 5:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re: “Kanana a ke a rohakehe, e be lekgoba la makgoba ho bana babo.”


Empa ha bo-Sanebalate wa Mohore, le Tobiya wa Moamone, eo e neng e le mohlanka wa mmuso, le Gashemu wa Moarabia, ba utlwela hona, ba re soma, ba re nyedisa, mme ba re: “Ke ntho nngwe ee, eo le e etsang? Na le fela le fetohela kgosi?”


Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.


Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.


Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela;


“Lona ba lebalang Modimo, le ke le lemohe tsena, esere ka le harola, mme la hloka ya le namolelang.


Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang;


Ke lekgoba leo ebang kgosi, le sethoto se nyonyobetseng,


“E, haesale ke le yena ho tloha mehleng ya kgale, ha ho ya ka pholosang se ka seatleng sa ka. Seo ke se etsang se ka etsollwa ke mang?”


Jwale bofeela ba hae ke tla bo pepesa, ke bo pepese mahlong a medingwana ya hae; ha ho ya tla mo namolela matsohong a ka.


Nke ke ka hlola ke hauhela baahi ba lefatshe,” ho rialo Morena. “Ke tla neelana ka e mong le e mong ho ya ahisaneng le yena, le ho kgosi ya hae. Ha naha e hatakelwa, ha nka ke ka e namolela matsohong a bona.”


“Mojaki ya jakileng haeno o tla o phahamela haholoholo, empa wena o tla theohela tlasetlase.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ