Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 5:7 - BIBELE

7 Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 5:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba re: “Rona, bahlanka ba hao, re leshome le metso e mmedi, re bara ba motho, naheng ya Kanana. Bona, hona jwale wa ho fela o setse le ntata rona, athe e mong o se a shwele.”


Ntata bona Jakobo a re ho bona: “Le nkamohile bana; Josefa o shwele, Simeone ha a yo, jwale le tlilo nkamoha Benjamine. Tsena tsohle di a ntuba.”


Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”


Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Morena, re ipolela bokgopo, bokgopo ba rona; re bolela le molato, molato wa bo-ntata rona, hobane re fela re o sitetswe.


Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka.


Jwale le lona le entse bokgopo bo fetang ba bo-ntata lona. E mong le e mong wa lona o latela ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga, ha a mmamele.


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


“Ha nako eo e fihla ha ba sa tla hlola ba re: “ ‘Bo-ntata ba jele morara o bodila, meno a bana ba bona a a thella.’


O tla otlelwa bokgopo ba hao, le diketso tsa hao tse manyala, ho rialo Morena.’ ”


“Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re: “ ‘Bo-ntata ba jele morara o bodila, jwale meno a bana a a thella’?


Jwale baholoholo ba lona ba hokae? Na baporofeta bona ba phela kamehla yohle?


‘Morena o dieha ho halefa, o na le mohau o moholo, o tshwarela bokgopo le ditlolo, empa a ke ke a tlohela ho otla ba molato; o otla bana le ditloholo ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ