Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.
Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
“Boitshwaro ba hao le diketso tsa hao ke tsona tse tlisitseng tsena, tsa di tlisa ho wena; bona ke bona bokgopo ba hao. Bona kamoo bo babang kateng! Kamoo bo o kenang pelong kateng!”
Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!
“Morena yena o lokile, hobane ke fetohetse molao wa hae. Lona ditjhaba tsohle, mmameleng! Tadimang, le bone matshwenyeho a ka! Thwetsana ya ka le tlhankana ya ka, kaofela ha bona ba isitswe bothopuweng!
Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela!
Jerusalema e sitilwe haholo, ka baka leo, e silafetse, bohle ba neng ba e hlompha, ba a e nyedisa, ba e nyedisa hobane ba e bonetse. E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo, e a reteleha, e ipata sefahleho.
Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.
Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema.
Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa.
O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.
Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.