Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’
Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.
Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.
Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.
Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.
Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe.
Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.
Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.