Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 5:13 - BIBELE

13 Bahlankana ba sebetsa ka thata, ba a sila, bashanyana ba sudubana tlasa mangata a patsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bahlankana ba jarisitswe malwala, ba batjha ba imetswe ke diphahlo tsa dipatsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 5:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mosadi wa ka a silele monna e mong, ba bang ba kopanele dikobo le yena.


Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.


Matsibolo wohle a naheng ya Egepeta a tla shwa; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le kgumameng kamora lelwala, le matsibolo wohle a diphoofolo.


Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.


Ha o bona tonki ya ya o hloileng e bothisitswe ke ho imelwa ke thoto, o se ke wa e feta, o mpe o thuse monga yona ho e tsosa.


Nka lelwala, o sile phofo, lesira la hao lona o le role. Nyolla mese ya hao, ditlhafu di hlahe, ebe jwale o tseba ho tshela dinoka.


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko.


Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana.


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ