Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:17 - BIBELE

17 Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya Egepeta ya se ke ya hlola e futuha, hobane kgosi ya Babilona e ne e hapile tsohle tseo e neng e le tsa kgosi ya Egepeta, ho tloha molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Euferatese.


Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong.


Selekane sa lona le lefu se tla fediswa, tumellano ya lona le Nqalo ya Bafu e fediswe. Mohla koduwa e tshabehang e welang lefatshe, e tla le wela hodimo, e le hatakele.


O ratelang ho ya Egepeta ho ya nwa metsi a Shihore? O ratelang ho ya Asiria ho ya nwa metsi a Noka?


O lelera hakaale ka baka lang, o tsamaya o kgeloha tsela tsa hao? O tla hlabiswa dihlong ke Egepeta, jwalokaha Asiria e o hlabisitse dihlong.


Le moo Egepeta, o tla kgutla, o kgutle teng matsoho o a beile hloohong, hoba Morena o furaletse bao o ba tshepang, mme ba ke ke ba o fumantsha katleho.”


Setjhaba sa re: “Nako ya ho kotula e se fetile, hlabula le lona le se le fedile, empa rona ha re eso pholoswe.”


Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.


Nakong ya matshwenyeho a yona le ya ho lelera, Jerusalema e hopola matlotlo, matlotlo a yona wohle, ao e ne e le a yona mehleng ya kgalekgale. Ha tjhaba sa yona se wela matsohong a dira, ha ho a ba le ya kileng a e thusetsa. Dira tsa yona di ile tsa e sheba, tsa etsa metlae ka ho timetswa ha yona.


Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.


Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ