Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:1 - BIBELE

1 Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motse o tshepahalang o fetohile seotswa se jwang! Pele o ne o tletse toka, ho loka ho ahile hara wona, empa jwale o tletse babolai.


“O theohile hakaakang lehodimong, wena Mphatlalatsane, naledi ya meso! O dihetswe lefatsheng, wena ya kileng a kokobetsa ditjhaba!”


Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.


Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.


“Wena ngwana motho, ho nna ba ntlo ya Iseraele ba fetohile manya; bohle ke lethose feela, le lekapakapa, le tshepe, le loto tse kahara sebopi; ke manya feela a silefera.


“Ka baka leo, Samaria ke tla e fetola lesupi, dirapa tsa morara di lengwe teng; majwe a yona ke tla a akgela ka kgohlong, metheo ya yona e sale poyaneng.


A ba botsa, a re: “Na tsee kaofela le a di bona? Ruri ke a le bolella hore ha ho na lejwe le tla sala hodima le leng mona; a tla heletswa kaofela.”


Jesu a mo araba, a re: “O a e bona mehaho e meholo ee? Ha ho na lejwe le tla sala hodima lejwe le leng le sa heletswa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ