6 O mpeile fifing le letsholetsho, ke jwaloka bafu ba kgalekgale.
6 O ntudisitse dinqalong tse lefifi, jwaloka bafu ba shweleng kgale.
Sera se a ntelekisa, se nkgatakella fatshe, se mphedisa lefifing jwaloka ba shweleng kgalekgale.
Morena, ako nkarabe kapele; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke se ke ka tshwana le ba theohelang lebitleng.
Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu.