55 Ka bitsa lebitso la hao, wena Morena, ka le bitsa ke le botebong ba mokoti, tlase.
55 Ka bitsa lebitso la hao, Jehova, ke le sekoting se tebileng tlase.
Ke rapaletse hara bafu, ke jwaloka babolauwa ba robetseng ka lebitleng, bao o seng o sa ba hopole, bao o seng o sa ba thuse ka letsoho la hao.
Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.