Ha nako ya bofifi ba hae e se e fetile, Davida a romela maqosa ho lata Batesheba, mme a mo isa tlung ya hae, ya eba mosadi wa hae. A tswalla Davida mora. Empa ntho ena eo Davida a neng a e entse ya se ke ya kgahla Morena.
Ha o ka re: “Jo! re ne re sa tsebe!” Na ya bonang dipelo yena a ke ke a lemoha? Ya baballang bophelo ba hao yena o a tseba, motho ka mong o tla mo putsa ho ya ka mesebetsi ya hae.
Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.
Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka?
“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.