30 A se ke a thibela ya mo jabelang lerama, a mamelle mahlapa wohle a mo tlelang.
30 a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.
Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe.
Re hauhele Morena, re hauhele, hobane re nyedisitswe, ra nyediswa ho feta tekanyo.
Wena o tseba sekgobo sa ka, le dihlong tsa ka, le ho tlontlollwa ha ka; ba ntwantshang o ba tseba kaofela.
Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.
Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.
Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng.
Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka ditebele, ba bang bona ba mo jabela,
Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi;
Ya o jabelang lerameng, o mo retelletse le lona le leng, mme ya o amohang seaparo, o se ke wa mo hanela le ka kobo.
hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.