27 Ho molemo ha motho a jara joko ena, a e jara nakong ya botjha ba hae.
27 Ho molemo ho motho ha a jara joko botjheng ba hae.
Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.
Kahoo re rute ho bala ditshiu tsa rona, pelo tsa rona di tle di hlalefe.
Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao,
Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”
Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.
A dule a le mong, a dule a kgutsitse, hobane o e jarisitswe ke Morena.