Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”
Empa ho nna ho ba haufi le Modimo, ke ntho yona e molemo. Ke ikgethetse Morena, Morena wa ka, ho ba setshabelo sa ka, ke tle ke bolele mesebetsi ya hae yohle.
Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.
Morena Modimo, ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ha le ka baka, la ba le kgotso, le tla pholoha, ha le ka kgutsa, la ba le tshepo, le tla matlafala, empa le hanne ho etsa jwalo.
Le re ho yena: ‘Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya.
Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”
Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.
Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.