Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 3:22 - BIBELE

22 Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke mehauhelo ya Jehova e entseng hore re se ke ra timela, hobane mohau wa hae ha o fele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 3:22
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”


Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau.


Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona.


A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.


Nkarabe, Morena, hobane mohau wa hao o moholo, o ntadime ho ya ka boholo, boholo ba lerato la hao.


“Na Morena o ntahletse ruri, ha a sa tla hlola a kgahlwa ke nna?


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


Na ebe Efraime ke mora ka eo ke mo ratang? Na ebe ke yena ngwana ka ya nkgahlang? Leha ke ye ke mo nyatse, ke ntse ke mo hopola, pelo ya ka e mo hlolohelwa haholo, ke mo utlwela bohloko haholo,” ho rialo Morena.


Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse.


“Ke nna Morena, ha ke fetohe; kahoo lona bana ba Jakobo, ha le eso timetswe.


ka mengwaha le mengwaha o mohau ho ba mo tshabang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ