Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:6 - BIBELE

6 O runtsolotse Tempele ya hae, a e runtsolla sa lephephe tshimong, sebaya sa hae sa diphutheho a se ripitla. Morena o entse hore Sione e lebale, e lebale matsatsi a mekete, e lebale le Disabatha; ha kgalefo ya hae e tuka malakabe, a nyedisa kgosi le yena moprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:6
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao, ba heletsa, ba tlontlolla Leaho la hao.


Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng.


Makala a wona a nama, a nama ho ya fihla Lewatleng, mahlomela a ya fihla Nokeng.


O hlakotse selekane sa hao le mohlanka wa hao, wa silafatsa mofapahlooho wa hae, wa o silafatsa leroleng.


Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.


Moradi wa Sione o silwe jwaloka lephephe tshimong ya morara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o etseditsweng thibella.


kahoo ke tla tlontlolla baokamedi ba tempele ya hao, Jakobo yena ke mo abele timelo, Iseraele yena a nyedisehe.”


Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Ke hobaneng ha ba kgopo ba futuhetse Sehalalelo sa hao, dira tsa rona di hataketse baka se halalelang sa hao.


Tempele e halalelang, e tlotlehang ya rona, moo o neng o rorisetswa teng, o roriswa ke baholoholo ba rona, e tjhesitswe ka mollo, ya re lore! Tsohle tsa bohlokwa di fetohile masupi.


Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’


“Wena Jeremia, o tle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Bonang, seo ke ileng ka se haha ke tla se heletsa; seo ke se hlommeng ke se motsule lefatsheng lohle.


“Mamelang babalehi ba phonyohileng Babilona, ba phatlalatsa Sione hore Morena o a iphetetsa, Morena Modimo wa rona, o a phetetsa, o phetetsa Tempele ya hae.


Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.


Morena ka sebele o ba qhalantse, ha a ka ke a hlola a sa ba tsotella. Dira di roletse baprista hlompho, baholo ba setjhaba ha di sa ba natsa.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Mahosana a ile a tshwarwa, a fanyehwa, baholo ba setjhaba ba rolelwa hlompho.


O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


“Ke tla phutha ba neng ba llela mekete, ba llela mekete e halalelang, e leng ba neng ba le hole, hole le wena, ba neng ba jere sekgobo sa hao.


“Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ