Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:22 - BIBELE

22 O bitsitse dira tsa ka ka nqa tsohle, wa di bitsa eka o di bitsetsa moketeng. Ka tsatsi leo o no halefile ka lona, Morena, ha ho le ya mong ya kila phonyoha, ha ho le ya mong ya kila sala! Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa, bohle ba timeditswe ke sera sa ka!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.


Ha ke sa hopolwa; jwalokaha eka ke mofu, ke tshwana le ntho e lahlilweng.


Kamehla ha e feta e tla le hohola, e le hohole hoseng, motsheare le bosiu; ha le utlwisisa molaetsa ebe le a tshoha.


Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


Ka letsatsi le hlahlamang, Pashahure a re Jeremia a lokollwe. Yaba Jeremia o re ho yena: “Lebitso leo Morena a o reileng lona hase Pashahure, empa ke Kahohle ke Matshabeho.


Hamorao,’ ho rialo Morena, ‘ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le ka bahlanka ba hae, le ka setjhaba sa hae, le ka masalla a sa bolawang ke lefu la sewa, le ka ba sa bolawang ka sabole, le ka ba sa bolawang ke sekoboto; ke tla neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a dira tsa bona, le matsohong a ba batlang ho ba bolaya. Nebukadenesare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba qenehela, leha e le ho ba utlwela bohloko, kapa ho ba hauhela.’


“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela?


Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.


Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”


“Bana ba hao ba tla rohakeha, le ditholwana tsa naha ya heno, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ