Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:19 - BIBELE

19 Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:19
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sa ho ja ke tlelwa ke mefehelo, medumaelo ya ka e phutsalle sa diphororo!


Bosiu ke hopola lebitso la hao, lebitso la hao Morena, mme ke boloka Molao wa hao.


Phahamisang matsoho a lona, le a phahamisetse Sehalalelong, le boke Morena.


Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Ke lla ho Morena ka lentswe le phahameng, ke etsa thapedi ho Morena ka lentswe le phahameng.


Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena.


Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.


Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo?


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Bodiba bo arabela bodiba ka ho hwasa ha diphororo tsa hao, maqhubu le merallo yohle ya hao e fetile hodima ka.


Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.


Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa.


Moya wa ka o o tsetselela bosiu, pelo ya ka le yona e o hlolohetswe haholo. Ha kahlolo tsa hao di phethwa lefatsheng, baahi ba lefatshe ba tla ithuta ho loka.


Baahi ba hao ba akgehile, ba rapaletse dihukung, hukung tsa diterata tsohle, ba jwaloka kgama e tshwasitswe lerabeng. Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena, le yona kgalemo ya modimo wa hao.


Ha ke tsamaya ke kena hara naha, ke bona ba bolailweng ka sabole! Ha ke re ke kena kahara motse, ke bona ba bolailweng ke sekoboto! Moporofeta le moprista ka ho tshwana ba lelera hara naha ba sa e tsebe.’ ”


“Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla:


Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.


Ha ke o fula ka metsu e bohloko ya sekoboto, e leng metsu e timetsang, ke tla o fula hore ke o timetse. Sekoboto se tla o wela hodimo, se nne se eketsehe, dijo tsa hao ke di fokotse.


Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng.


Empa le yona Tebese e ile ya haptjwa, tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng. Mateanong a diterata tsohle, bana ba yona ba pshatlakanngwa; mahosana a yona a laolwa ka lotho, yaba bahlomphehi ba yona ba a tlangwa, ba tlangwa ka mahlaahlela.


Kameso, Jesu a ya ho bona a tsamaya hodima metsi.


Yare e sa le ka madungwadungwana, Jesu a tsoha, a tswa, a ya nahathothe, a rapella teng.


“Ha ho le jwalo fadimehang, hobane ha le tsebe hore na monga ntlo o tla tla neneng, mantsiboya kapa ka seroko, ka dialla kapa kameso,


Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tswele thabeng ho ya rapela, mme a sesa bosiu a ntse a rapela Modimo.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Ka mokgwa o jwalo Gideone le banna ba nang le yena ba fihla thekong e kathokothoko ya diahelo hara mpa ya bosiu, ha ho kena balebedi ba bosiu. Ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana e matsohong a bona.


Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.


Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ