KOLI-YA-MALLA 2:15 - BIBELE15 Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla, ba opa diatla ha ba o bona; ba letsa molodi, dihlooho ba a di thukutha, ba soma Moradi wa Jerusalema, ba re: “Na motse oo ke wona o no le motlemotle, o no thabisa lefatshe lohle?” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)15 Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.