Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:12 - BIBELE

12 Bana ba llela bo-mma bona, ba re: “Dijo di hokae, dino tsona di hokae?” Ba rialo ba akgeha sa batho ba mahlatsipa, ba akgeha ba le diterateng tsa motse, bophelo ba bona bo fela kahanyane, bo fela bo-mma bona ba ba sikile ka matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba re ho bomma bona: Bohobe le veine di kae na? Ba rialo ba ntse ba fela, jwaloka ba hlabilweng mapatlelong a motse, ba ntse ba neela meya ya bona difubeng tsa bomma bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:12
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Moya wa ka o qhashoha kahare ho nna, matsatsi a ho hlokofatswa a mphihletse;


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.


Baahi ba hao ba akgehile, ba rapaletse dihukung, hukung tsa diterata tsohle, ba jwaloka kgama e tshwasitswe lerabeng. Ba pipitletswe ke kgalefo ya Morena, le yona kgalemo ya modimo wa hao.


Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.


Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo.


Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!”


Leme la lesea le kgomarela mahalapeng, le kgomarela teng ka baka la lenyora; ba banyenyane ba sikila bohobe, empa ha ho ya ba neang le sengwathwana.


Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ