KOLI-YA-MALLA 1:21 - BIBELE21 Batho ba utlwile mefehelo ya ka, empa ha ho na motho ya ntshedisang. Dira tsa ka tsohle di utlwile tsietsi ya ka, di nyakaladitswe ke ketso ena ya hao. Potlakisa tsatsi le boletsweng ke wena, dira tsa ka di tle di tshwane le nna. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 Ba nkutlwa ha ke ntse ke fehelwa; ha ho ya ntshedisang; bao e leng dira ho nna kaofela ba utlwile tsietsi ya ka, ba thabetse seo o se entseng; o tla hlahisa tsatsi leo o le beileng, ba tle ba tshwane le nna. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.