Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:13 - BIBELE

13 Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:13
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maoto a hae a mo akgela ka letloweng, o ntsa itsamaela hodima leraba;


jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.


Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa.


Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao.


Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.


dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.


Nkgauhele Morena, hobane ke matshwenyehong; mahlo a ka a motela ke maswabi, esita le moya wa ka, le mmele wa ka.


Bao ba batlang bophelo ba ka, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tlontlolohe; bao ba ntherelang bobe, ba ke ba tjhetjhe, ba ferekane.


Letheka la ka le a futha, ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka.


wa re tshwasa ka letlowa, wa re belesa mojaro o boima;


Le se ke la e ja e le tala, kapa e phehilwe ka metsi, empa kaofela ha yona e beswe mollong, mmoho le hlooho ya yona, le ditlhakwana tsa yona, le dikahare tsa yona.


Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: ‘Le medimo ya rona,’ ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.”


Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Bokgopo ba dira tseo bo pepesehe ho wena, le tsona kotlo ya tsona di e fumane, o di otle jwalokaha le nna o nkotlile, o nkotla ka baka la dibe tsa ka tsohle. Mefehelo ya ka e mengata haholo, pelo ya ka le yona e nyahame.”


O nkgelositse tseleng ya ka, a ntsekolla, a ntshiya moo ke hloka mothusi.


Ka baka la tsena pelo tsa rona di nyahame, ka baka la tsena mahlo a rona a fifetse.


Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.


Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.


“Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ka matshwele a ditjhaba tse ngata, ke tla akgela letlowa la ka, ke le akgele hodima hao, ka letlowa lena a o hulele kantle.


Hohle moo ba yang teng ke tla ba tshwasa, ke akgele tlowa la ka hodima bona; ke ba theole sa nonyana tse fofang, ke ba tshwase ha ba kgobokana mmoho.


Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe.


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ