Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:11 - BIBELE

11 Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.


“Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka.


Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng.


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.’


“Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”


Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, selemong sona seo, ha tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela,


Jerusalema e sitilwe haholo, ka baka leo, e silafetse, bohle ba neng ba e hlompha, ba a e nyedisa, ba e nyedisa hobane ba e bonetse. E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo, e a reteleha, e ipata sefahleho.


Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!”


Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.


Bana ba llela bo-mma bona, ba re: “Dijo di hokae, dino tsona di hokae?” Ba rialo ba akgeha sa batho ba mahlatsipa, ba akgeha ba le diterateng tsa motse, bophelo ba bona bo fela kahanyane, bo fela bo-mma bona ba ba sikile ka matsoho.


“Oho, Morena, bona, ako inahane: Eo o kila mo etsa tjee ke mang? Na basadi ba lokela ho ja masea a bona, ba je bana bao ba ba hodisitseng? Na moprista le moporofeta ba lokela ho bolawa, ba bolaelwa ka Sehalalelong, Halalelong sa Morena?


Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ