Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:1 - BIBELE

1 Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:1
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a busa mebuso yohle, ho tloha nokeng ya Euferatese, ho ya fihla naheng ya Bafilesita, le meeding ya Egepeta. Mebuso ena yohle ya mo tlisetsa dimpho, ya mo sebeletsa ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.


Jehoyakime a thella Faro ka silefera le ka kgauta, mme a kgethisa setjhaba ho ya kamoo Faro a neng a laetse hore se ntshe lekgetho kateng. A pepeta setjhaba sa naha eo silefera le kgauta, ho ya kamoo motho ka mong a lekanyeditsweng kateng, hore e tle e newe Faro Neko.


A busa dikgosi tsohle, ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla naheng ya Bafilesita le meeding ya Egepeta.


Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.


Ba bang le bona ba re: “Re adimile tjhelete ya ho ntsha lekgetho la kgosi, bakeng sa masimo a rona, le dirapa tsa rona tsa morara.


Menono e mengata ya naha eo e jewa ke dikgosi tseo o di beileng hodima rona, wa di bea ka baka la dibe tsa rona; di re busa, le makgomo a rona di iketsetsa borata, mme rona re phela kahara tlokotsi tse kgolo!”


Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko yohle ya Morena, ka taelo e neilweng Iseraele, hore e yo boka lebitso la Morena.


“O theohile hakaakang lehodimong, wena Mphatlalatsane, naledi ya meso! O dihetswe lefatsheng, wena ya kileng a kokobetsa ditjhaba!”


Wena motse o tletseng meferefere! Motse wa lerata le medidietsane! Babolauwa ba hao ha ba a bolawa ka sabole, babolauwa ba hao ha ba a shwela ntweng.


Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.


Jwale ka pelong ya hao o tla re: ‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”


Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.


Hlohlora lerole le ho wena, wena Jerusalema, o eme, o dule teroneng, wena Jerusalema. Kgaola mahlaahlela a molaleng wa hao, wena moradi wa Sione, o leng mothopuwa.


A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!”


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


Morena o bua tjena: “Binelang Jokobo ka thabo, le mminele, binelang tjhaba se seholo hara ditjhaba. Utlwahatsang dithoko tsa lona, le re: ‘Oho, Morena, namolela setjhaba sa hao, masalla a tjhaba sa hao, tjhaba sa Iseraele.’


Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, a ba hlapanyetsa, a hlapanyetsa le bahlabani ba bona, a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalatiya. Ahang naheng ena le sebeletse kgosi ya Babilona, mme le tla phela hamonate.


ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le bone koduwa e kgolo eo ke e dihetseng hodima Jerusalema le metse yohle ya Juda. Kajeno le a bona hore e fetohile lesupi, mme ha ho motho ya ahileng ho yona.


Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Bonang kamoo noto ya lefatshe lohle e pshatlehileng maqhetswana kateng! Kamoo Babilona e fetohileng nanaola kateng, ya fetoha nanaola hara baditjhaba!


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Ke ipileditse ho baratuwa ba ka, empa ke bona ba ileng ba nkeka. Baprista le baetapele ba ka ba shwele, ba shweletse diterateng tsa motse, ba eshwa ba ntse ba sikila bohobe, hore ba tle ba tsebe ho iphedisa.


Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Baholo ba Jerusalema ba ituletse fatshe, ba ituletse fatshe ba kgutsitse, ba kgutsitse ba se na puo; ba itshetse ka lerole hodima dihlooho, mmeleng ya bona ba apere tse mahwashe, barwetsana ba Jerusalema ba inametse fatshe.


Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle!


Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe.


Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse.


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke yona Jerusalema, eo ke e beileng bohareng ba ditjhaba, e potapotilweng ke dinaha.


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi.


Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ