Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 9:7 - BIBELE

7 mme a re ho sona: “Eya o iphotle letsheng la Silowame” ke ho re: Moromuwa. Sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 A re ho yena: “Eya, o yo itlhatswa letsheng la Siloame,” ke ho re: “Moromuwa.” A ya, a ya itlhatswa, a tla a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 A re ho yena: “Eya, o yo itlhatswa letsheng la Siloame,” ke ho re: “Moromuwa.” A ya, a ya itlhatswa, a tla a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 9:7
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.


Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.


Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?


Mahlo a ba bonang a ke ke a fifala, tsebe tsa ba utlwang di tla mamela.


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


O tla tutubolla mahlo a difofu, o lokolle batshwaruwa, o ba lokolle ditjhankaneng, o lokolle ba dutseng lefifing la tjhankana.


Tlisang ba foufetseng empa ba ena le mahlo, bao e leng ditholo empa ba ena le ditsebe.


“Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya,


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema?


lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.”


Jwale ho ya kang ha le re: ‘O a nyefola,’ kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: ‘Ke Mora wa Modimo’?


Ba bang ba bona ba re: “Na eo ya tutubolotseng mahlo a sefofu, a ka be a sa etsa hore le motho eo a se ka a shwa?”


Yena a araba, a re: “Motho ya bitswang Jesu o ile a duba seretse, a tlotsa mahlo a ka, a re ho nna: ‘Eya Silowame, o iphotle;’ ka ya, ka iphotla, ka bona.”


Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”


O tla ba tutubolla, ba tswe lefifing ba ye leseding; ba tswe matleng a Satane, ba ineele ho Modimo, mme ka ho dumela ho nna ba tle ba fumane tshwarelo ya dibe tsa bona, ba be le kabelo hara ba halaleditsweng!”


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Empa ha nako e badilweng e se e fihlile, Modimo o ile a roma Mora wa hae, a tswalwa ke mosadi, a ba tlasa Molao,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ