Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 9:30 - BIBELE

30 Motho eo a ba araba, a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tswa kae, empa a ntutubolotse mahlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Monna eo a araba, a re ho bona: Ho a makatsa, ha le tsebe moo a tswang teng, athe o butse mahlo a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Monna eo a araba, a re ho bona: Ho a makatsa, ha le tsebe moo a tswang teng, athe o butse mahlo a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 9:30
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntutubolle mahlo, ke bone dimakatso tsa Molao wa hao.


Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.”


Ka tsatsi leo, bo-tutu ba tla utlwa polelo tsa buka, leha difofu di le lefifing, di le botshong, mahlo a tsona a tla bona.


Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe;


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


A makalla ho se dumele ha batho ba teng. A potoloha le metsana a ntse a ruta.


A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;


Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pela bona, ha ba a ka ba dumela ho yena,


Jesu a mo araba, a re: “O moruti wa Iseraele, empa ha o utlwisise ditaba tsee?


re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.”


Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ