Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 9:24 - BIBELE

24 Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ba boela ba bitsa monna ya neng a foufetse, ba re ho yena: “Rorisa Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ba boela ba bitsa monna ya neng a foufetse, ba re ho yena: “Rorisa Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 9:24
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, inyatseng kapele ho Morena Modimo wa bontata lona, le phethe thato ya hae, le ikgetholle ho setjhaba sa naha ena, le arohane le basadi bana ba baditjhaba.”


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Dinokwane tse pedi tsa thakgiswa le yena, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.


Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”


Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”


Ha Mofarisi ya memileng Jesu a bona hoo, a re ka pelong ya hae: “Enwa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosadi eo ya mo amang ke mang, ke ya jwang, hobane ke moetsadibe.”


Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


Ba araba, ba re ho yena: “Hojane monna enwa o ne a sa etsa bobe, re ka be re sa mo tlisa ho wena.”


Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Ke mang ho lona ya ka mpeang molato wa sebe? Ha ke bolela nnete, ke ka baka lang ha le sa ntumele?


Jesu a araba, a re: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate, mme lona le a ntlhompholla.


Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.


A araba, a re: “Ha ke tsebe hore ke moetsadibe; ke tseba ntho e le nngwe, e leng hore ke ne ke foufetse, jwale ke a bona.”


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ