Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:9 - BIBELE

9 Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Yare ba utlwang, ba ahlotswe ke matswalo a bona, ba tswa ka bomong, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba ho qetela; mme Jesu a sala a nnotshi, mosadi a eme mahareng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Yare ba utlwang, ba ahlotswe ke matswalo a bona, ba tswa ka bomong, ho qala ka ba baholo ho isa ho ba ho qetela; mme Jesu a sala a nnotshi, mosadi a eme mahareng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:9
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.


Mahodimo a tla talola bokgopo ba hae, lefatshe le eme ka maoto ho mo qosa.


Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena; Morena, phakisa o nthuse.


Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.


Ba ntwantshang ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba timele; ba ntakaletsang bobe ba ke ba fetohe sekgobo, ba fetohe sekgobo, ba tlontlolohe.


Le wena ka pelong o tseba hantle, ke ka makgetlo ba bang le wena o ba rohaka.


Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.


Yare ha Jesu a inamoloha, a re ho yena: “Mosadi, ba kae? Ha ho ya o tswileng?”


Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”


Kameso a boela a fihla ka Tempeleng. Setjhaba sohle sa tla ho yena, mme a dula, a se ruta.


Jwale Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba tlisa mosadi ya tshwerweng ka bofebe, ba mo emisa kapele ho bona,


Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela.


Wena o reng ho se ke ha fejwa, na ha o febe? Wena ya nyonyang medimo ya bohata, na ha u utswe tsa ditempele?


Haeba matswalo a rona a re qosa, re a tseba hore Modimo o moholo ho feta matswalo a rona, mme o tseba tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ