Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:37 - BIBELE

37 Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le na sebaka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le na sebaka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:37
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dipelo tsa setjhaba sena di thotofetse, mme ditsebe tsa sona di thibane, se itutubaditse mahlo, esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’


mme le se ke la nahana, la re: ‘Ntata rona ke Aborahama,’ hobane ke a le bolella hore Modimo o na le matla a ho hlahisetsa Aborahama bana ka majwe ana.


Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.


Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya.


Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisanang, empa le sa batle tlotla e tswang ho Modimo ya inotshi?


Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Na Moshe ha a a ka a le nea Molao? Empa ha ho le ya mong ya phethang Molao oo. Ke ka baka lang ha le batla ho mpolaya?”


Ba bang ba Jerusalema ba re: “Na hase yena eo ba batlang ho mmolaya?


Ba mo araba, ba re: “Re ditloholo tsa Aborahama, mme ha re eso ka re eba makgoba a motho le ka mohla. O bolela jwang ha o re: ‘Le tla lokoloha’?”


Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? Ke kahobane le ke ke la utlwa lentswe la ka.


Aborahama, ntata lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, mme a thaba.”


Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata.


Ba ile ba rialo ka ho mo leka, hore ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana.


“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,


Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


Lona bana, ke le ngoletse hobane le tseba Ntate. Lona bo-ntate, ke le ngoletse hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngoletse hobane le matla, mme le bolokile lentswe la Modimo ka ho lona, le bile le hlotse E Mobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ