Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:28 - BIBELE

28 Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Jesu a re ho bona: Etlare hobane le phahamise Mora motho, ke moo le tla tseba hore ke nna yena, le hore ha ke etse letho ka bonna; empa ke bua taba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Jesu a re ho bona: Etlare hobane le phahamise Mora motho, ke moo le tla tseba hore ke nna yena, le hore ha ke etse letho ka bonna; empa ke bua taba tseo jwalokaha Ntate a nthutile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:28
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a re ho Moshe: “Ke nna yena eo e ntseng e le yena.” Yaba o re: “O tla bolella setjhaba sa Iseraele tjena: ‘Eo e ntseng e le yena o nthomile ho lona.’ ”


Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.


Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.


A re: “Hlokomelang hore le se ke la tshoha le kgeloswa, hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ ba be ba re: ‘Nako e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.


Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”


“Ke le bolella e sa le jwale, pele ho etsahala, hore le tle le dumele ha ho etsahala, hore nna e ntse e le nna.


ka tsa toka, hobane ke ya ho Ntate, mme ha le sa tla hlola le mpona;


E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa.


Ba mo thakgisa teng hammoho le ba bang ba babedi, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane, Jesu a le hare.


Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.


Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,


Jesu a re ho yena: “Ke nna ya buang le wena.”


Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo Ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa.


“Nke ke ka etsa letho ka bonna; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, hobane ha ke batle ho etsa thato ya ka, empa thato ya ya nthomileng.


hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng.


Ke ka baka leo ke itseng ho lona: Le tla shwela dibeng tsa lona, hobane ha le sa dumele hore e ntse e le nna, le tla shwela dibeng tsa lona.”


Ha ba a ka ba utlwisisa hore o bua le bona ka Ntate.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.


athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ