Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:15 - BIBELE

15 Lona le ahlola ho ya ka nama, nna ha ke ahlole motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Le ahlola ka nama; Ha ke ahlole motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Le ahlola ka nama; Ha ke ahlole motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le madimabe lona ba sothang toka, ba e sothang, ba e fetole leshokgwa. ba e fetole, ba lahlele ho loka fatshe!


Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.


Ka lebaka lena, molao o nyehlisitswe, toka le yona ha e phethahatswe. Ba lokileng ba qhekanyetswa ke ba kgopo, ka hona kahlolo di etswa di sokamisitswe.


Jesu a re ho yena: “Monna heso, ya mpeileng moahlodi kapa moaroledi wa lona ke mang?”


“Ha motho a utlwa dipolelo tsa ka, a sa di boloke, ha ke mo ahlole, hobane ha ke a tlela ho ahlola lefatshe, empa ke tletse ho pholosa lefatshe.


Jesu a araba, a re: “Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena; ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke se ke ka neelwa Bajuda, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona.”


Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.


Se ahloleng ho ya ka tshobotsi, empa ahlolang ka kahlolo e lokileng.”


A re: “Ha a yo, Morena.” Jesu a re: “Le nna ha ke o tswe; eya, mme ho tloha jwale o se ke wa hlola o etsa sebe.”


Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.


Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


na ha le etse kgethollo? Na ha le baahlodi ba ahlolang ka bokgopo?


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ