Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 7:42 - BIBELE

42 Na Mangolo ha a bolele hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, motsaneng wa Betlelehema, moo Davida a neng a ahile teng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

42 A Lengolo ha le a bolela hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 A Lengolo ha le a bolela hore Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 7:42
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Salema, ya ileng a thea Betlelehema, le Harefe, ya ileng a thea Bete-Gadere.


Morena o ile a hlapanyetsa Davida, a ke ke a kwenehela tshepiso, tshepiso ena ya nnete, a re: “E mong wa bana ba theka la hao, ke tla mmea teroneng ya hao.


“Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re:


Lehlomela le tla hloma, le hlome kutung ya Jese, kala le tswang mothapong wa hae le behe ditholwana.


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama.


Ba re ho yena: “Betlelehema e Judea, hobane ho ngotswe jwalo ke moporofeta, ha a re:


“ ‘Ha e le wena, Betlelehema, e naheng ya Juda, ha o hlile ha o monyenyane haholo, ha o monyenyane hara batsamaisi ba Juda, hobane ho wena ho tla tswa motsamaisi ya tla alosa Iseraele, setjhaba sa ka.’ ”


Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.


Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae.


Empa re tseba moo motho enwa a tswang teng; ha Kreste a etla, ha ho ya tla tseba moo a tswang teng.”


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.”


Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”


Saule a re ho Davida: “O mora wa mang, wena mohlankana?” Davida a re: “Ke mora wa Jese, mohlanka wa hao wa Betlelehema.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ