Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 7:31 - BIBELE

31 Empa ba bangata letshweleng ba ile ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e mengata ho feta e entsweng ke eo?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ba bangata hara bongata ba dumela ho yena, ba re: Etlare hobane Kreste a tle, na o tla etsa mehlolo e fetisang e entsweng ke enwa na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Ba bangata hara letshwele ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e fetang ee e entsweng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Ba bangata hara letshwele ba dumela ho yena, ba re: “Ha Kreste a etla, na o tla etsa mehlolo e fetang ee e entsweng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 7:31
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matshwele kaofela a hlollwa, a re: “Na eo hase Mora Davida?”


E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.


Jwale ba bangata ba Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, mme ba bona seo Jesu a se entseng, ba dumela ho yena,


hobane ka baka la hae, Bajuda ba bangata ba ne ba ba kwenehela, ba dumela ho Jesu.


Leha ho le jwalo, esita le ba bangata ba baokamedi ba ile ba dumela ho yena, empa ka baka la Bafarisi, ha ba a ka ba bolela, esere ba tebelwa tlung ya thapelo,


Mohlolo ona wa pele Jesu o o entse Kana e Galelea, a bonahatsa tlotla ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”


“Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”


Ba bangata ba Basamaria ba motse oo ba dumela ho yena ka baka la polelo ya mosadi ya ileng a paka, a re: “O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.”


Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang.


Empa bonang, o bua pepenene, mme ha ba re letho ho yena. Na ekaba babusi ba tsebile kannete hore ke yena Kreste?


Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.


Simone le yena a dumela. Hoba a kolobetswe, a kgomarela Filipi, a bona mehlolo le diketso tse kgolo, tse matla, tse etsahalang, mme a hlollwa.


Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ