Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:52 - BIBELE

52 Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Yaba Bajuda ba tsekisana hammoho, ba re: Na eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

52 Yaba Bajuda ba tsekisana hara bona, ba re: “Monna eo a ka re nea nama ya hae jwang hore re e je?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

52 Yaba Bajuda ba tsekisana hara bona, ba re: “Monna eo a ka re nea nama ya hae jwang hore re e je?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:52
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bopaki ba Johanne ke bona, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ho yena ba etswa Jerusalema, hore ba mmotse: “O mang?”


Karohano ya eba teng hape hara Bajuda ka baka la mantswe ana.


Nikodema a re ho yena: “Motho a ka tswalwa jwang a se a tsofetse na? Na a ka kena ka popelong ya mmae kgetlo la bobedi, mme a tswalwa?”


Nikodema a mo araba, a re: “Tsee di ka etsahala jwang?”


Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ha o na sekgello, le sediba se tebile; jwale metsi a kollang o a nka kae?


Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,”


Yare ha ba bangata ba barutuwa ba hae ba utlwa, ba re: “Polelo ena e thata; ke mang ya ka e mamellang?”


Ba bang ho Bafarisi ba re: “Motho eo ha a tswe ho Modimo, hobane ha a boloke Sabatha.” Ba bang ba re: “Motho wa moetsadibe a ka tseba jwang ho etsa mehlolo e jwalo?” Karohano ya eba teng hara bona.


Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ