Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:5 - BIBELE

5 Jwale ha Jesu a phahamisa mahlo, mme a bona hore letshwelehadi le tla ho yena, a re ho Filipi: “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Jesu o emisa mahlo a hae, mme ha a bona hobane bongata bo boholo bo ntse bo etla ho yena, a re ho Filipi: Na re tla reka mahobe kae, batho bana ba tle ba je?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Yare ha Jesu a emisa mahlo, mme a bona bongata bo boholo bo etla ho yena, a re ho Filipi: Re tla reka mahobe kae, hore batho bao ba je?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Yare ha Jesu a emisa mahlo, mme a bona bongata bo boholo bo etla ho yena, a re ho Filipi: Re tla reka mahobe kae, hore batho bao ba je?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nama ya ho fepa setjhaba see sohle ke tla e fumana kae? Se a ntelela, se re: ‘Re fe nama, re je!’


Barutuwa ba re ho yena: “Ekaba hara lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho kgorisa letshwele le lekaale?”


Ba kena ka sekepeng, ba ya nahathothe boinotshing.


Ha baapostola ba kgutlile, ba phetela Jesu tsohle tseo ba di entseng. A ba nka, ba tloha ba le nnotshi, ba lebisa motseng o bitswang Bethesaida.


Ka la hosasane Jesu a rera ho ya Galelea, mme a fumana Filipi. A re ho yena: “Ntatele!”


Filipi e ne e le wa Bethesaida, e leng motse wa habo Andrease le Petrose.


Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”


Nathanaele a re ho yena: “Na ho na le ho molemo ho ka tswang Nasaretha?” Filipi a re ho yena: “Tloo, o bone.”


Nathanaele a mmotsa, a re: “O ntsebella kae?” Jesu a mo araba, a re: “Ke o bone pele Filipi a o bitsa o le katlasa sefate sa feiye.”


Ha ke re le ye le re: ‘Kgwedi di sa le nne, mme e nto ba kotulo?’ Bonang, ke a le bolella, phahamisang mahlo, le bone hore masimo a sweufaletse kotulo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ