Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:45 - BIBELE

45 Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

45 Ho ngodilwe hara baporofeta, ho thwe: Bohle ba tla rutwa ke Modimo. E mong le e mong ya utlwileng ho Ntate, mme a ithuta ho yena, o tla ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Ho ngodilwe hara baporofeta, ho thwe: Bohle ba tla rutwa ke Modimo. E mong le e mong ya utlwileng ho Ntate, mme a ithuta ho yena, o tla ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:45
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bara ba hao bohle ba tla rutwa ke Morena, ditloholo tsa hao di be le kgotso ya sebele.


“Selekane seo ke tla se etsa le bona ha matsatsi ao a fetile, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, kahara dipelo tsa bona.”


Ha e le ka lerato la boena, ha le hloke hore le ngollwe ka lona, hobane ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana;


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa, o tswe thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.


A re: “Ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ya ka tlang ho nna ha a sa ho newa ke Ntate.”


Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.


Dinku tsa ka di utlwa lentswe le ka, ke a di tseba, mme di a ntatela.


Hoba Jesu a nkele ba leshome le metso e mmedi kathoko, a re ho bona: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tse ngotsweng ke baporofeta ka Mora Motho, di tla phethahala,


jwalokaha a ne a bolele ka molomo wa baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha kgalekgale.


Ho ngotswe bukeng ya moporofeta Esaya, ho thwe: “Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela.


“Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe: “ ‘Na lona ba ntlo ya Iseraele, le nnyeheletse ka tse hlabilweng le ka dinyehelo ka dilemo tse mashome a mane lehwatateng?


Ka baka leo, hlokomelang, esere la hlahelwa ke se neng se bolelwe ke baporofeta:


Jwale rona ba seng ba phethehile, a re inahaneng jwalo, mme haeba ho ena le moo le sa nahaneng ka ho tshwana, Modimo o tla le senolela.


Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ