Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:39 - BIBELE

39 Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Mme ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se lahle letho la tsohle tseo a nneileng tsona, ke mpe ke di tsose ka letsatsi la bofelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

39 Ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa ke letho ho tsohle tseo a nneileng tsona, empa ke tle ke di tsose ka letsatsi la ho qetela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa ke letho ho tsohle tseo a nneileng tsona, empa ke tle ke di tsose ka letsatsi la ho qetela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:39
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.


Ruri ke a le bolella, ka letsatsi la kahlolo ditaba tsa fatshe la Sodoma le Gomora di tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.”


Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana.”


“Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.


Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo,


Ha ke ne ke sa na le bona, ke ba bolokile ka lebitso la hao leo o nneileng lona, ka ba sireletsa, mme ha ho a timela le ya mong wa bona, haese ya loketseng ho timela, hore Mangolo a tle a phethahale.


jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


“Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.


Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.


e le hore ho tle ho phethahale polelo eo a e boletseng, a re: “Ha ho a lahleha le ya mong wa bao o nneileng bona.”


“Se makalleng hona, hobane nako e a tla, eo ka yona bohle ba ka mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae,


Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,


Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”


Ha ho ya ka tlang ho nna, haese ha Ntate ya nthomileng a ka mo hohela, mme nna ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.


Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o na le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.


Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.


Modimo o tsositse Morena bafung, mme le rona o tla re tsosa ka matla a hae.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


Nna Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke a le dumedisa, lona ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, mme ba bolokwa ke Jesu Kreste, ke re:


Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ