Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:32 - BIBELE

32 Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Moshe ha a a ka a le nea bohobe bo tswang lehodimong; empa Ntate o le fa bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Moshe ha a a ka a le nea bohobe bo tswang lehodimong; empa Ntate o le fa bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:32
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o laela maru a mahodimo, o bula menyako ya mahodimo;


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe.


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.


“Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi.


Bo-ntata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: ‘O ba fepile ka bohobe bo tswang lehodimong.’ ”


hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”


Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.


Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,”


Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.


Nama ya ka ke sejo sa nnete, le madi a ka ke seno sa nnete.


Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”


Empa ha nako e badilweng e se e fihlile, Modimo o ile a roma Mora wa hae, a tswalwa ke mosadi, a ba tlasa Molao,


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ