Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:30 - BIBELE

30 Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Ba re ho yena: Jwale, o etsa mohlolo ofe, hore re o bone, mme re o dumele? o sebetsa eng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ba re ho yena: Jwale, o etsa mohlolo ofe, hore re o bone, mme re o dumele? o sebetsa eng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:30
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”


Aletare le yona ya peperana, mme molora o hodima yona wa qhalana, ho latela pontsho eo moporofeta wa Modimo a ileng a e bolela, ka taelo ya Morena.


“Haeba ba sa o kgolwe, mme ba sa mamele lentswe la hao ha ba bona mohlolo wa pele, ba tla kgodiswa ke mohlolo wa bobedi.


“Ha Faro a bua le lona, a re: ‘Ipakeng ka ho etsa mohlolo,’ wena o tla re ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha.’ ”


ba reng: “Modimo a akofise mesebetsi ya hae re e bone, merero e atamele, merero ya Ya Halalelang wa Iseraele e atamele re tle re e tsebe.”


Kreste, kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, e le hore re bone, mme re dumele!” Le bona ba thakgisitsweng le yena ba mo hlapaola.


Bafarisi ba tla, ba qala ho phea kgang le yena, mme ka ho mo leka, ba batla hore a ba bontshe sesupo se tswang lehodimong.


empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”


Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pela bona, ha ba a ka ba dumela ho yena,


Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?”


Barutuwa ba hae ba ne ba ile motseng ho reka dijo.


Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”


Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang.


Empa ke le boleletse hore leha le mpone, ha le dumele.


Otlolla letsoho la hao ho fodisa, mme mehlolo le dimakatso di etswe ka lebitso la Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang.”


Bajuda ba ikopela sesupo, Bagerike bona ba batla bohlale;


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ