Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:26 - BIBELE

26 Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete ke re ho lona: Le mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete ke re ho lona: Le mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

athe ba ne ba sa tshepahale, ba sa tshepahale ho yena, ba sa tshepahale selekaneng sa hae.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”


Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.


Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”


Empa Jesu ha a lemoha hore ba se ba tla tla ho mo nka, ba mo qobelle ho ba kgosi, a boela a ya thabeng a nnotshi.


Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang.


Jwale ha letshwele le bona hore Jesu le barutuwa ba hae ha ba yo moo, la kena ka dikepeng tseo, la ya Kaperenauma, le ntse le batla Jesu.


Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng?


Empa ke le boleletse hore leha le mpone, ha le dumele.


Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ha le sa je nama ya Mora Motho, le sa nwe madi a hae, ha le na bophelo ka ho lona.


Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


Bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tseo e leng tsa Kreste Jesu.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ