Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:19 - BIBELE

19 Ha ba se ba sokile sebaka se ka bang dikilomethara tse nne kapa tse hlano, ba bona Jesu a tsamaya hodima letsha, a atamela sekepe, mme ba tshoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yare hobane ba sesise sekepana distadia tse ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa mashome a mararo, ba tshoba ba bona Jesu a tsamaya hodima metsi, a fihla haufi le sekepana; mme ba tshaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Yare ha ba se ba soka sebaka se ka bang dikhilomithara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa tse mashome a mararo, ba bona Jesu a tsamaya hodima lewatle, a atamela sekepe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Yare ha ba se ba soka sebaka se ka bang dikhilomithara tse mashome a mabedi a metso e mehlano, kapa tse mashome a mararo, ba bona Jesu a tsamaya hodima lewatle, a atamela sekepe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya sarolotseng mahodimo, a a sarolla a le mong, a tsamaya le hodima maqhubu, maqhubu a Lewatle;


Morena o ne a rena hodima morallo wa metsi, Morena ke kgosi e renang kamehla le mehla.


O matla ho feta diaduma, diaduma tsa metsi a lewatle, o matla ho feta maqhubu a lona; Morena ya hodimodimo o matla.


Basoki ba hao ba o isa mawatleng, ba o isa mawatleng a sabaletseng: Empa moya wa botjhabela o tla o thua, o o etse ditsekana hara bodiba!


Leha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho sokela sekepe lebopong, empa ba sitwa, hobane lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.


Ka lona letsatsi leo barutuwa ba babedi ba ne ba eya motsaneng o bitswang Emmause, o bohole ba dikilomethara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema.


A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.


Bethania e ne e le haufi le Jerusalema, sebaka se ka bang dikilomethara tse tharo.


Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.


letsha le ne le tsudubutlana kaha ho ne ho foka moya o matla.


Empa a re ho bona: “Ke nna; se tshabeng!”


Setlhotlelo seo sa hatikelwa se le kantle ho motse, mme sa tswa madi a ileng a phutsalla sebakeng se ka etsang dikilomethara tse makgolo a mararo, botebo ba wona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere.


Motse o ne o ena le dikgutlo tse nne, bolelele ba wona bo ne bo lekana le bophara ba wona. Lengeloi la metha motse ka leqala la lona: o ne o etsa dikilomethara tse fetang dikete tse pedi; bolelele, bophara le bophahamo di ne di lekana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ