Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:5 - BIBELE

5 Monna e mong o ne a le teng ya kutseng dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Monna e mong o ne a le teng moo, ya kutseng ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Monna e mong o ne a le teng moo, ya neng a kula ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Monna e mong o ne a le teng moo, ya neng a kula ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a botsa ntata ngwana: “E se e le nako e kae a hlahetswe ke hoo?” A re: “Ho tloha bongwaneng ba hae;


Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”


Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang.


Kamora tsena Jesu a mo fumana ka Tempeleng, mme a re ho yena: “Bona, o fodile; o se ke wa hlola o etsa sebe, esere mohlomong wa hlahelwa ke ho hobe ho feta.”


hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.


Ha Jesu a mmona a paqame moo, mme a tseba hore e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: “Na o rata ho fola?”


Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu.


empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.”


Moo Lesitera ho ne ho ena le monna e mong, ya holofetseng maoto, e le seritsa sa tswalo, se dulang feela, se eso ka se tsamaya.


Monna e mong ya tswetsweng e le seritsa, o ne a ye a nkwe ka matsatsi wohle, a bewe kgorong ya Tempele e bitswang Kgoro e Ntle, hore a kope dithuso ho ba kenang ka Tempeleng.


Dilemo tsa monna eo mohlolo ona wa phodiso o neng o entswe ho yena, di ne di feta mashome a mane.


Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ