Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:3 - BIBELE

3 Tlasa wona ho ne ho paqama bakudi ba bangata: difofu, le diritsa, le ba shweleng ditho, ba lebeletse ho fuduhuwa ha metsi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo jwa batho ba kulang, difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, [ba neng ba ntse ba lebeletse phuduo ya metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ho ne ho robetse letshwelehadi la ba kulang, le difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, ba letetse ho sisinyeha ha metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ho ne ho robetse letshwelehadi la ba kulang, le difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, ba letetse ho sisinyeha ha metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:3
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa.


Ho lehlohonolo motho ya mmamelang, ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.


Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.


“Ho madimabe modisa wa ka ya sethoto, modisa ya siyang mohlape, a o siye swalabahla! Sabole e ke e mo hlathe letsoho, e ntshe kgodu ihlong le letona la hae! Letsoho la hae le ke le omelle, ihlo la hae le letona le foufalle ruri!”


Matshweletshwele a tla ho yena, a tlisa dihlotsa, difofu, diritsa, dimumu, le ba bang ba bangata, a ba bea pela maoto a hae, mme Jesu a ba fodisa.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


A araba baromuwa bao, a re: “Eyang le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di boetse di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, mme bo-tsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo;


Moo Jerusalema, haufi le Kgoro ya Dinku, ho na le letshana, le bitswang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano.


hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.


Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.


Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ