Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:24 - BIBELE

24 “Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:24
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.


Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”


Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a re: “Ya dumelang ho nna ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng,


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi.


Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.”


Mokotudi o se a amohela moputso, mme dijo o di bokellela bophelo bo sa feleng, hore mojadi a thabe hammoho le mokotudi.


Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”


Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang o na le bophelo bo sa feleng.


Bona ke bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


Bona ke bohobe bo theohileng lehodimong, e seng bo jwaloka boo bo-ntata rona ba bo jeleng, mme ba eshwa; ya jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”


Kannetenete, ke a le bolella, ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.”


Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa,


Modimo ha a a re bopela ho re halefela, empa o re bopetse ho rua pholoho ka Morena Jesu Kreste,


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ