Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:42 - BIBELE

42 Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ba ne ba re ho mosadi: Ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao; hobane re ikutlwetse, mme re a tseba hobane enwa ke Kreste ruri, Mmoloki wa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

42 Yaba ba re ho mosadi: “Jwale ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Yaba ba re ho mosadi: “Jwale ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:42
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


lesedi le bonesetsang baditjhaba le tlotla ya setjhaba sa hao sa Iseraele.”


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Ha Jesu a fihla, a fumana Lasaro a se a qetile matsatsi a mane lebitleng.


hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile.


“Tloong, le bone motho ya mpoleletseng tsohle tseo ke di entseng; na ekaba hase yena Kreste?”


Ba bangata ho feta ba dumela ka baka la polelo ya hae.


“Ke ka ditloholo tsa monna enwa Modimo a ileng a tlisetsa Iseraele Mopholosi, e leng Jesu, ho ya ka tshepiso ya hae.


“Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”


Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.


Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang.


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


Rona re bone, mme re paka hore Ntate o romile Mora hore e be Mopholosi wa lefatshe.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ