Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:40 - BIBELE

40 Ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo kopa hore a hlole le bona; a hlola teng matsatsi a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ka baka leo, eitse ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela, ba re, a dule le bona; mme a hlola ditshiu di le pedi teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

40 Yare ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela hore a dule le bona, mme a hlola teng matsatsi a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Yare ha Basamaria ba fihla ho yena, ba mo rapela hore a dule le bona, mme a hlola teng matsatsi a mabedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:40
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”


Tshwara thuto ena, o e mamarele, o e dise ka thata, ke yona bophelo ba hao.


Yare ke sa tswa ba feta, moratuwa wa ka ka mo fumana; ka mo mamarela, ka se ke ka mo tlohela ho fihlela ke kena le yena ka lapeng heso, ke mo isa ka kamoreng ya mme, montswadi wa ka.


Oho, wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi wa yona ka nako ya ditsietsi, ke hobaneng o kang moeti naheng ee, o kang motsamai ya fapohelang ho robaletsa?


O ne a ena le ngwanabo ya bitswang Maria, ya neng a dutse maotong a Morena, a mametse seo a se bolelang.


Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.


Monna eo bademona ba tswileng ho yena a mo kopa hore a tsamaye le yena, empa Jesu a mo lokolla, a re:


Ba bangata ba Basamaria ba motse oo ba dumela ho yena ka baka la polelo ya mosadi ya ileng a paka, a re: “O mpoleletse tsohle tseo ke di entseng.”


Ba bangata ho feta ba dumela ka baka la polelo ya hae.


Kamora matsatsi ao a mabedi a tloha teng, a ya Galelea,


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ