Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:32 - BIBELE

32 Empa a re ho bona: “Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 A re ho bona: Nna ke na le sejo seo ke se jang, seo lona le sa se tsebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 A re ho bona: Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 A re ho bona: Ke na le sejo seo ke se jang, seo le sa se tsebeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.


Ditshepiso tsa hao di latsweha hamonate hakaakang! Di feta mahe a dinotshi ka hanong la ka.


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.


Motho o tseba bohloko ba pelo ya hae, ha ho e mong ya ka utlwang thabo ya yona.


Motho o kotula seo a se jalang ka leme la hae, o kgotsofatswa ke polelo tsa molomo wa hae.


Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao, di ile tsa ka bohobe ho nna, ka di ja, ya eba thabo le monyaka wa pelo ya ka, hobane nna ke bitswa ka lebitso la hao, oho, wena Morena, Modimo wa mabotho!


Barutuwa ba sala ba mo kopa, ba re: “Rabbi, ako je.”


Barutuwa ba botsana, ba re: “Na ebe e mong o mo tliseditse dijo?”


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ