Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:20 - BIBELE

20 Bo-ntata rona ba ile ba kgumamela Modimo thabeng ena, empa lona le re Jerusalema ke sona sebaka seo eka kgonang ho khumamellwe ho sona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Bontata rona ba ne ba rapela thabeng eo; mme lona le re, nqalo eo ho tshwanetsweng ho rapelwa teng, e Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Bontata rona ba ne ba rapela thabeng ena; mme le re, Jerusalema ke nqalo eo batho ba tshwanetseng ho kgumamela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Bontata rona ba ne ba rapela thabeng ena; mme le re, Jerusalema ke nqalo eo batho ba tshwanetseng ho kgumamela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Solomone: “Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao, tseo o di entseng ho nna. Ke halaleditse ntlo ena, eo o e hahileng hore e be ya ka kamehla yohle. Ke tla e lebela, ke e boulele kamehla yohle.


Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.


Jwale Davida a re: “Ena ke yona ntlo ya Morena Modimo, mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso, moo Baiseraele ba tla sebeletsa Morena teng.”


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona.


Ke kgethile Tempele ena, ka e halaletsa, e le hore ke tle ke dule ka ho yona kamehla yohle. Ke tla e baballa, ke e rate kamehla yohle.


Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae;


empa a kgetha leloko la Juda, thaba ya Sione eo a e ratang.


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


Empa ba se ke ba mo amohela, hobane a ne a lebile Jerusalema.


Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?”


Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le kenang ho yona ho e hapa, le tle le hlohonolofatse thaba ya Gerisime, mme le rohake thaba ya Ebale.


“Ha le se le tshetse Jorodane, merabe ena, e leng ya Simeone, le ya Levi, le ya Juda, le ya Isakare, le ya Josefa, le ya Benjamine, e tla ema hodima thaba ya Gerisime, e hlohonolofatse setjhaba sena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ