Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:18 - BIBELE

18 hobane o bile le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena hona jwale hase monna wa hao; moo o buile nnete.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane o kile wa ba le banna ba bahlano, mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao; moo o boletse nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Hobane o bile le banna ba bahlano; mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane o bile le banna ba bahlano; mme eo o nang le yena jwale hase monna wa hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”


Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla.


Empa bona ba re: “A etse kgaitsedi ya rona jwalokaha eka ke seotswa?”


Empa jwaloka mosadi ya hlokang botshepehi, a bo hloke a ba a tlohele monna, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntlohetse le ntlhoketse botshepehi.” ho rialo Morena.


“ ‘O mosadi wa sefebe, ya febang le banna ba bang, ho ena le ho rata monna wa hao!


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


“ ‘Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa;


mme haeba mosadi a hlala monna wa hae, a nyalwa ke e mong, o a feba.”


Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.”


Mosadi a mo araba, a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho yena: “O nepile ha o re: ‘Ha ke na monna,’


Mosadi a re ho yena: “Monghadi, ke lemoha hore o moporofeta.


Ka baka leo, ha monna wa hae a ntse a phela, o tla bitswa mofebi ha e ka ba wa monna e mong, empa ha monna wa hae a shwele, mosadi o lokolotswe molaong, hore e se be mofebi ha e ka ba wa monna e mong.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Le bile le dipaki hore ke reka le Ruthe wa Moabe, mohlolohadi wa Mahelone, hore e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la mofu naheng eo a e jeleng lefa, e le hore lebitso la mofu le se ke la fela hara bana babo, le motseng wa habo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ