Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 3:32 - BIBELE

32 seo a se boneng, a se utlwa, o a se paka, empa ha ho ya amohelang bopaki ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 O paka seo a se boneng le ho se utlwa; mme ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 O paka seo a se boneng le ho se utlwa; mme ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 3:32
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?


hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa.


Le ne le tlile hahabo lona, empa ba habo lona ha ba a ka ba le amohela.


Ha ke sa le bitsa bahlanka, hobane mohlanka ha a tsebe seo monga hae a se etsang, empa lona ke le bitsitse metswalle, hobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


Yaba Pilato o re ho yena: “Ha ho le jwalo, na o fela o le kgosi?” Jesu a araba, a re: “Ke wena o reng ke kgosi. Seo ke se tswaletsweng, le seo ke se tletseng lefatsheng, ke hore ke pake nnete. Mang le mang eo e leng wa nnete o utlwa lentswe la ka.”


Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.


Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: “Rabbi, ya bileng le wena mose ho Jorodane, eo o mo pakileng, bona, o a kolobetsa, mme bohle ba ya ho yena.”


Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke nnete.


Ntate o rata Mora, o mmontsha tsohle tseo a di etsang, mme o tla mmontsha mesebetsi e meholo ho feta ena, hore le tle le makale.


Ke na le tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlola, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme tseo ke di utlwileng ho yena, ke di bua lefatsheng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ